Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.
Mattheu 21:39 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. BIBELE Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya. Baasraak Sotho NT Ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. |
Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.
Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.
Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.
Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama,
o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.
ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.
Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;