Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
Mattheu 21:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ya ho wa bobedi, le ho yena a rialo, mme eo a mo araba, a re: Ke a ya, morena. Empa a se ke a ya. BIBELE “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: ‘E, ntate, ke tla ya,’ empa a se ke a ya. Baasraak Sotho NT A tla ho wa bobedi, a bua jwalo. Yena a araba, a re: Ke ya, monghadi; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla ho wa bobedi, a bua jwalo. Yena a araba, a re: Ke ya, monghadi; |
Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.
Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka diketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.