Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.
Mattheu 21:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu. BIBELE A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo,’ empa lona le e etsa ‘lehaha la dinokwane.’ ” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo; empa lona le e entse lehaha la mashodu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo; empa lona le e entse lehaha la mashodu. |
Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.
ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.
Ntlo ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, na ke lehaha la mashodu mahlong a lona na? Bonang, le nna ke se ke bone, ho bolela Jehova.
Ba mmolella, ba re: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ho thwe:
Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!
a re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka ke ntlo ya thapelo; empa lona, le e entse lehaha la mashodu.
Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.