Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Mattheu 20:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng. BIBELE “Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’ “A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’ Baasraak Sotho NT Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela. |
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.
Ha a etswa e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, a bona ba bang ba eme ba sa etse letho; a re ho bona: Le emetseng jwalo tsatsi lohle, le sa etse letho?
Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.
E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.
ba re: Batho bao re tla ba etsang na? Hobane, haele hore mohlolo o bonahalang o entswe ke bona, ke taba e tsejwang ke bohle ba ahileng Jerusalema, mme re ka sitwa ho ho latola.
Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,
le ntse le tseba hobane e mong le e mong, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang, o tla newa ke Morena ka tekano ya botle boo a bo entseng.
e leng sephiri se nnileng sa patwa mehleng yohle le melokong yohle, empa jwale se pepeseditswe bahalaledi ba wona;
Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.