Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 e leng sephiri se nnileng sa patwa mehleng yohle le melokong yohle, empa jwale se pepeseditswe bahalaledi ba wona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Lentswe leo ke sephiri se neng se patetswe meloko e fetileng ho tloha kgale, empa kajeno se senoletswe badumedi ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 E leng sephiri se neng se patilwe ho tloha kgale le melokong, empa jwale se senoletswe bahalaledi ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 E leng sephiri se neng se patilwe ho tloha kgale le melokong, empa jwale se senoletswe bahalaledi ba hae.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:26
11 Referencias Cruzadas  

Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng.


Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;


A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.


empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;


dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,


Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;


mme jwale, o tswa pepeswa ka ho hlaha ha Mmoloki wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, a bea bophelo le ho se shwe leseding ka Evangeli,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos