La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 18:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

mme kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, a re, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo.

Ver Capítulo

BIBELE

Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa kahobane a ne a se na seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela hore yena, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, ho rekiswe, mme ho lefshwe.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa kahobane a ne a se na seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela hore yena, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, ho rekiswe, mme ho lefshwe.

Ver Capítulo



Mattheu 18:25
9 Referencias Cruzadas  

Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.


Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.


Teng, ka re ho bona: Re lopolotse banababo rona ba Bajuda, ba neng ba rekisitswe ditjhabeng, ka seo re neng re na le sona; mme ke lona kajeno le yang ho rekisa ka banababo lona! Hape, le re, ba ya ithekisa ho rona na? Yaba ba kgutsa, ba sa fumane taba eo ba ka fetolang ka yona.


Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho.


Ekare ha letsatsi le ne le tjhabile, molato wa madi o tla ba teng; haele leshodu, le tla lefa ka tefo e shwetseng; ha le se na letho, ho tla rekiswa ka lona ho lefella kutso ya lona.


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Ekare ha ngwaneno a fumaneha pela hao, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa ka tshebetso ya lekgoba,


Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;


Yare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babedi. Ako bolele hore ke ofe ho bona ya tla mo rata haholo.