Kaine ha a pheteletswa hasupa, Lemeke yena e tla ba ha mashome a supileng a balwang hasupa.
Mattheu 18:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: Ke re ho wena: E se ke ya eba hasupa, e mpe e be ha mashome a supileng a balwang hasupa. BIBELE Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: “Ha ke re ho wena, E be hasupa, empa, Ho fihlela mashome a supileng a balwang hasupa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: “Ha ke re ho wena, E be hasupa, empa, Ho fihlela mashome a supileng a balwang hasupa. |
Kaine ha a pheteletswa hasupa, Lemeke yena e tla ba ha mashome a supileng a balwang hasupa.
Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.
O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.
Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae.
Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;
Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.
Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.
Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.