Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.
Mattheu 18:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong. BIBELE “Ruri ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng di tla tlangwa lehodimong, mme tsohle tseo le di lokollang lefatsheng di tla lokollwa lehodimong. Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; |
Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.
Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.
Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;