Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.
Mattheu 17:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba barutuwa ba tla ho Jesu kathoko, ba re ho yena: Na re kile ra sitwa keng ho leleka motemona eo? BIBELE Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?” Baasraak Sotho NT Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo? |
Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.
Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.
Ha a le kathoko, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa setshwantsho seo.
Yare ha Jesu a kene tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa ba nnotshi, ba re: Rona ha re a ka ra tseba keng ho leleka motemona eo?