Mattheu 16:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao. BIBELE Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele. |
Ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, ya bitswang Simone, ba mo qobella hore a jare sefapano sa Jesu.
Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.
Ba qobella e mong ya fetang, a etswa masimong, hore a jare sefapano sa Jesu; e ne e le Simone wa Sirene, ntata Aleksandere le Rufuse.
Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.
Eitse ha ba mo isa polaong, ba tshwara e mong ya bitswang Simone, wa Sirene, ya neng a etswa masimong, ba mo jarisa sefapano kamora Jesu.
Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha.
O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele!
Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.
ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.
Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;