Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Eitse ha ba mo isa polaong, ba tshwara e mong ya bitswang Simone, wa Sirene, ya neng a etswa masimong, ba mo jarisa sefapano kamora Jesu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Yare ha ba mo isa, ba tshwara monna e mong ya bitswang Simone wa Cyrene, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, hore a se jare kamora Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Yare ha ba mo isa, ba tshwara monna e mong ya bitswang Simone wa Cyrene, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, hore a se jare kamora Jesu.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:26
11 Referencias Cruzadas  

Ekare ha motho a o qobella, hore o tsamaye le yena meile e le nngwe, o tsamaye di le pedi.


E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


A ba lokollela ya qetsweng ke bona, ya neng a kenntswe teronkong ka baka la moferefere le la polao; mme a ba neela Jesu hore a etswe kamoo ba ratang kateng.


A ba a bolella bohle, a re: Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntshale morao.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


le Frigia, le Pamfilia, le Egepeta, le dinaha tsa Libia tse bapileng le Sirene, le ba jakileng Roma, kapa e leng Bajuda, kapa e leng baproselite;


Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.


Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos