Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo,
Mattheu 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ba hao ba tlolelang mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe, ba sa hatlela? BIBELE “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo? Ha ba hatlele ha ba eja.” Baasraak Sotho NT Ke ka baka lang barutiwa ba gago ba tshela ngwao ya bagologolo? gonne ga ba tlhape diatla tsa bone fa ba ja senkgwe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka lang barutiwa ba gago ba tshela ngwao ya bagologolo? gonne ga ba tlhape diatla tsa bone fa ba ja senkgwe. |
Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo,
Bahlanka ba morena ba emang pela monyako wa morena, ba re ho Mordekai: O tlolelang taelo ya morena?
A araba, a re ho bona: Le lona, le tlolelang molao wa Modimo ka mokgwa oo le o neanang na?
Ba ne ba bone barutuwa ba hae ba bang ba eja bohobe ka matsoho a mabe, ke ho re, a sa kang a hatlelwa.
Bafarisi le bangodi ba botsa Jesu ke hona, ba re: Ana barutuwa ba hao ha ba ye keng ka mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe ka matsoho a sa hatlelwang?
Mme ke ne ke siile hole, ka taba tsa Bojuda, thaka tsa ka tse ngata, setjhabeng sa heso; e ne e le nna sehlooho sa ho tjhesehela mekgwa ya bontate.
Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.
le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;