Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bafarisi le bangodi ba botsa Jesu ke hona, ba re: Ana barutuwa ba hao ha ba ye keng ka mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe ka matsoho a sa hatlelwang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba botsa Jesu, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo, ba eja bohobe ka matsoho a sa hlwekang?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Yaba bafarisi le bangodi ba mmotsa, ba re: Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa tsamaye ka moetlo wa baholo, ha ba ntse ba ja bohobe ka matsoho a sa hlatsuwang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Yaba bafarisi le bangodi ba mmotsa, ba re: Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa tsamaye ka moetlo wa baholo, ha ba ntse ba ja bohobe ka matsoho a sa hlatsuwang?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:5
12 Referencias Cruzadas  

Barutuwa ba hao ba tlolelang mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe, ba sa hatlela?


Le fosisa lentswe la Modimo jwalo ka mokgwa wa lona oo le o neanang, mme le etsa le tse ding tse ngata tse jwalo.


Hobane le tlohela molao wa Modimo, le tle le boloke mekgwa eo batho ba e neaneng, e leng hlatsuo ya dipitsa le ya mehope, mme le etsa tse ngata tse jwalo.


A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.


Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.


O ye le bona, o itlhwekise le bona, o ba lefelle, ba tle ba beolwe dihlooho, bohle ba tle ba tsebe kahoo, hobane ha ho na letho la tseo ba di utlwileng o bolelwa ka tsona; ba tsebe hobane le wena o ntse o bolokile molao.


e be ntate le wa ba lebollo, ke ho re, wa bao e seng ba lebollo feela ba mpang ba tsamaya le ka mehlala ya tumelo eo ntata rona Abrahama a bileng le yona, ha a eso ho bolle.


Mme ke ne ke siile hole, ka taba tsa Bojuda, thaka tsa ka tse ngata, setjhabeng sa heso; e ne e le nna sehlooho sa ho tjhesehela mekgwa ya bontate.


Athe re utlwa hobane ba bang ba heno ba tsamaya ka mokgwa o hanwang ke molao; ha ba sebetse, mme ba kena ditabeng tseo e seng tsa bona.


Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos