Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.
Mattheu 15:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong; BIBELE hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso. Baasraak Sotho NT Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo. |
Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.
Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.
Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.
Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.
Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?
Balaame a re ho esele: Ke kahobane o bapala ka nna; hoja ke ena le lerumo ka letsohong la ka, nka be ke o bolaya hona mona.
ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.
Hlo o bake bolotsaneng bona ba hao, mme o rapele Modimo; ekaba mohlomong o ka tshwarelwa kgopolo eo ya pelo ya hao.
Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.