Mattheu 15:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa tse tswang hanong di tswa pelong; ke tsona tse silafatsang motho. BIBELE Empa tse tswang ka molomo di tswa pelong, mme ke tsona tse silafatsang motho; Baasraak Sotho NT Empa tse tswang molomong di tswa pelong; mme di silafatsa motho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa tse tswang molomong di tswa pelong; mme di silafatsa motho. |
Melomo ya ba lokileng e tseba tse kgahlisang; empa molomo wa ba sa lokang o bolela bokgopo feela.
Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.
Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.
Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.
Na ha le utlwisise hobane tsohle tse kenang ka hanong di ya mpeng, di ntoo lahlelwa mohlabeng?
A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!
Jwalokaha maele a baholo, a re: Ho bakgopo ho tswa bokgopo; ha ho le jwalo, letsoho la ka le ke ke la eba ho wena.