Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.
Mattheu 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o bitsa bongata, a re ho bona: Mamelang, le utlwisise. BIBELE Jesu a bitsa letshwele, a re ho lona: “Mamelang, le utlwisise! Baasraak Sotho NT A bitsa letshwele, a re ho lona: Mamelang, le utlwisise. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A bitsa letshwele, a re ho lona: Mamelang, le utlwisise. |
Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.
Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.
A re: Eya, o bolelle setjhaba seno, o re: Le tla mamela, empa le ke ke la utlwisisa; le tla tadima, empa le ke ke la bontshisa.
E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.
Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.
Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —
hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;
Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;
Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.