Mattheu 14:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o re: Di tliseng mona ho nna. BIBELE A re: “Ntlisetseng tsona mona.” Baasraak Sotho NT A re: Di tliseng kwano ho nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Di tliseng kwano ho nna. |
Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata.
Yaba Jesu o re: Dudisang batho fatshe. Mme jwang bo ne bo le boholo bakeng seo. Yaba banna ba dula, ba batlile ho ba dikete tse hlano palong.