Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; mme ba di bea pela setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; mme ba di bea pela setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:6
18 Referencias Cruzadas  

Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.


Le mohla ke ngwathelang ba kete tse nne mahobe a supileng, le nkile diroto tse kae, tse tletseng dingwathwana na? Ba re: Tse supileng.


A ba botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supile.


Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.


Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.


Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.


empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe,


Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos