Mattheu 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe. BIBELE “Ya nang le ditsebe a utlwe.” Baasraak Sotho NT Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe. |
Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.