Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;
Mattheu 13:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu. BIBELE E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata. Ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba, Baasraak Sotho NT E nngwe ya wela majweng, moo ho se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E nngwe ya wela majweng, moo ho se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu. |
Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;
Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.
Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,
le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.
Ya amohetseng peo majweng, ke motho ya utlwang lentswe, ya phakisang a le amohela ka thabo;
Eitse ha a jala, hlaku tse ding tsa wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja kaofela.
Ho jwalo le ba amohetseng peo majweng; ke bao ereng ha ba utlwile lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo;
Dihlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata; tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.