Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Dihlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata; tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Tse ding tsa wela lejweng, moo ho se nang mobu o mongata; mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Tse ding tsa wela lejweng, moo ho se nang mobu o mongata; mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:5
11 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;


Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.


Le itjallele ho loka, le tle le kotule mohau; le itemele thite e ntjha; hobane ke nako ya ho batla Jehova, a tle a be a tle, a le nesetse ho loka.


Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,


Ya amohetseng peo majweng, ke motho ya utlwang lentswe, ya phakisang a le amohela ka thabo;


Eitse ha a ntse a jala, hlaku tse ding tsa wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja kaofela.


Tsatsi ha le tjhaba, tsa pona, mme tsa etjha ke ho hloka metso.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Tse ding tsa wela majweng; tsa mela, tsa ba tsa pona ke ho hloka leswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos