Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.
Mattheu 13:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe. BIBELE Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe.” Baasraak Sotho NT Jwale ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ea nang le litsebe ho utloa a utloe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ea nang le litsebe ho utloa a utloe. |
Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.
Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.
Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.
ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.
Empa ke re ho lona: Ho qala nakong yona ena, ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha, mmusong wa Ntate.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?