La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?

Ver Capítulo

BIBELE

kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo ka teng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa ke yena, leha e le ba nang le yena, haese baprista feela?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo ka teng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa ke yena, leha e le ba nang le yena, haese baprista feela?

Ver Capítulo



Mattheu 12:4
11 Referencias Cruzadas  

O tla bea mahobe a pontsha tafoleng a nne a be teng pela ka kamehla.


Moshe a re ho Aarone le ho bara ba hae: Apehang dinama monyako wa tente ya pokano, le di je hona teng, le bona bohobe bo serotong sa peo, kamoo ke laetseng kateng, ka re: Aarone le bara ba hae ba tla di ja.


Empa a re ho bona: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena;


Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?


kamoo a neng a kene tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a sa lokelang ho jewa, haese ke baprista ba nnotshi, a ba a fa le ba nang le yena?


kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a nka mahobe a pontsha, a a ja, a nea le ba nang le yena, leha a sa lokele ho jewa ke motho, haese ke baprista ba nnotshi?


Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.


Moprista a araba Davida, a re: Ha ke na bohobe feela; bo leng teng ke bohobe bo kgethehileng, ha ekaba bahlankana ba ipolokile basading.


Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa.