hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.
Mattheu 12:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng. BIBELE Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo, Baasraak Sotho NT Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo. |
hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.
Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.
Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.
Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla tsuwa.
tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.
Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.
Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.