Le mpa le ne le ile ho bonang na? Na e ne e le motho ya apereng kobo tse bonolo na? Bonang, ba apereng tse bonolo ba matlung a marena.
Mattheu 11:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ana le ne le ile ho bonang? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, ya fetisang le moporofeta. BIBELE Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta? E, ke a le bolella, e moholo le ho feta moporofeta. Baasraak Sotho NT Empa le ne le ile ho bonang? Moprofeta? ee, ke a le bolella, ya fetisang le moporofeta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa le ne le ile ho bonang? Moprofeta? ee, ke a le bolella, ya fetisang le moporofeta. |
Le mpa le ne le ile ho bonang na? Na e ne e le motho ya apereng kobo tse bonolo na? Bonang, ba apereng tse bonolo ba matlung a marena.
Heroda o ne a rata a ka mmolaya; empa a tshaba batho; hobane ba ne ba re: Ke moporofeta.
Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,
Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, setjhaba kaofela se tla re tlepetsa ka majwe; hobane se kgotswe hoba Johanne e ne e le moporofeta.