La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu a araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di utlwang, le tseo le di bonang:

Ver Capítulo

BIBELE

Jesu a ba araba, a re: “Eyang, le phetele Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang:

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang.

Ver Capítulo



Mattheu 11:4
7 Referencias Cruzadas  

a re ho yena: Ana ke wena ya boletsweng, ha thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?


Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Matshwele a mangata a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, le difofu, le dimumu, le dihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, mme a ba fodisa.


Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.


Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.


Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi.


Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile.