Mattheu 11:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane joko ya ka e tjhatsi, le phahlo ya ka ha e na boima. BIBELE Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.” Baasraak Sotho NT Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe. |
Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
Mehleng eo, Jesu o ne a feta hara masimo ka tsatsi la Sabatha Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diqwapi, ba di ja.
Mme jwale, le lekelang Modimo, ka ho bea molaleng wa barutuwa joko eo bontata rona, leha e le rona, re sitilweng ho e jara,
Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,
Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;
Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.
Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.