Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.
Mattheu 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha le rata ho amohela polelo ya ka, ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla. BIBELE mme ha le ka kgolwa taba eo, Johanne ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla. Baasraak Sotho NT Mme ekare ha le rata ho di amohela, enwa ke Elia ya neng a tla tla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ekare ha le rata ho di amohela, enwa ke Elia ya neng a tla tla. |
Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.
Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.
o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.
Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.
Ke le fepile ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng; hobane le ne le sa lokela tsona, le jwale di sa ntse di ka le sita,
Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.