mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.
Mattheu 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya naha eo. BIBELE Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona. Baasraak Sotho NT Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona. |
mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.
Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena.
Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
ka di fihlisa letsatsing leo a nyoloseditsweng lehodimong ka lona, hobane a laele, ka Moya o Halalelang, baapostola bao a ba kgethileng;
kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.
O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng.
Hobane enere ha re sa le ha heno, re kile ra le laela, ra re: Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.
Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.
Boloka molao oo, o se na letheba, leha e le sekodi, Morena wa rona Jesu Kreste a tle a be a fihle,