La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 10:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, le nna ke tla mmolela pela Ntate ya mahodimong;

Ver Capítulo

BIBELE

“Mang le mang ya mpakang pela batho, le nna ke tla mo paka pela Ntate ya mahodimong,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

E mong le e mong ya bolelang hore o teng pela batho, le nna ke tla mo bolela pela Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

E mong le e mong ya bolelang hore o teng pela batho, le nna ke tla mo bolela pela Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo



Mattheu 10:32
12 Referencias Cruzadas  

Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.


Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo,


E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.