Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
Mattheu 10:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona. BIBELE Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo. Baasraak Sotho NT Empa le iponele ho batho, hobane ba tla le neela makgotleng, ba le shape masinagogeng a bona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa le iponele ho batho, hobane ba tla le neela makgotleng, ba le shape masinagogeng a bona; |
Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.
Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le bangodi; mme le tla bolaya ba bang, le thakgise ba bang difapanong, le shape ba bang masinagogeng a lona, le ba leleke motseng o mong le o mong;
Jwale, baprista ba baholo le baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba bohata bo ka qosang Jesu, hore ba tle ba mmolaye.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.
Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, ntata motho a etse ngwana hae jwalo, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.
Tseo ke qalo ya tlokotsi. Empa lona le iponele: hobane ba tla le isa makgotleng le masinagogeng; le tla otlwa, le emiswe pela babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be dipaki ho bona.
Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;
Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?
Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.
Yaba baena ba ntsha Pauluse kapele, jwaloka hoja ho uwa lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.
Ka re: Morena, ba tseba haholo hobane ke nna ya neng a kenya teronkong, a shapa le masinagogeng ba dumetseng ho wena.
Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.
a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.