Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.
Mattheu 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae. BIBELE Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae. Baasraak Sotho NT leha e le mokotla wa leeto, kapa dikojwana tse pedi, kapa dieta, kapa lere; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 leha e le mokotla wa leeto, kapa dikojwana tse pedi, kapa dieta, kapa lere; |
Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.
Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe wa teng ya nang le tshwanelo; le dule ha hae le be le tlohe.
a ba laela, hore ba se ke ba nkela tsela letho, haese lere feela; ba se ke ba nka mokotla le bohobe, leha e le tjhelete ya koporo ka maqhaameng a bona;
A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.
a re ho bona: Le se ke la nkela tsela letho, leha e le mare, leha e le mokotla, kapa bohobe, kapa tjhelete, le hona le se ke la ba le dikobo tse pedi.
O ntlele le kobo eo ke e siileng Trowase ha Karpuse, le tsona dibuka, haholo dipampiri tsa matlalo.
a nka molamu wa hae, a ya molapong, a ithonakela majwe a mahlano a boreledi, a a kenya pataneng ya hae, eo a nang le yona, le mokotlaneng wa hae; a atamela Mofilesta, a tshwere letjeketjane la hae.
Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?