Mareka 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo. BIBELE Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Baasraak Sotho NT Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo; |
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.
Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.
Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.
Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.
Enereha a eso ho hlahe, Johanne o ne a se a boleletse setjhaba sa Iseraele kaofela kolobetso ya pako.
Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;
Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?