Lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang tsela ya Jehova feelleng, le latse mmila wa Modimo wa rona nahathothe.
Malakia 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang. BIBELE “Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle. |
Lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang tsela ya Jehova feelleng, le latse mmila wa Modimo wa rona nahathothe.
Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;
Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utlwang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko.
Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.
o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.
Ba mmotsa, ba re: Ke ho reng? A o Elia na? A re: Ha ke yena. A o moporofeta eo na? A araba, a re: Tjhe.
Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na?