Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.
Malakia 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le nna, ke tla le etsa ba nyediswang le ba kgeswang hara setjhaba kaofela, hobane ha le boloke ditsela tsa ka, mme kahlolong le etsa ka tshobotsi. BIBELE “Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.” |
Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.
Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.
Ke tla hahola le mesamelo ya lona, ke tle ke namolele setjhaba sa ka diatleng tsa lona, mme ha se sa tla ba matsohong a lona hore se tshwaswe ke lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.
Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.
Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!
Bonang, ke tla senya dijalo tsa lona, ke akgele bolokwe difahlehong tsa lona, e leng bolokwe ba ntho tse hlabelwang mekete ya lona, mme ba tla le lahlela kantle le jona.
Empa lona, le kgelohile tsela, le kgopisitse ba bangata ka molao; le sentse selekane sa Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.
Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
Haele ba lekanngwang hoba ke bao e leng dihlooho — leha e kile ya eba ba jwang le ba jwang mohla monene, ho nna hase letho, etswe Modimo o sa ye ka tshobotsi ya motho — ke re, ba lekanngwang hoba ke ba baholo, ha ba ka ba nkekeletsa ka letho.
Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe.
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.