Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 32:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa nke ke ka tadima tshobotsi ya motho, nke ke ka qeka motho;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ha nka ke ka tadima tshobotsi ya motho, ha nka ke ka kakamatsa mang le mang.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 32:21
18 Referencias Cruzadas  

Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Ke mohlanka wa hao, Joabe ya entseng mokgwa oo, hore taba eo e tsamaiswe ka mokgwa o mong. Haele monga ka, o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, ho tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.


Kannete, o tla le kgalemela, ha le ka ahlola ka tshobotsi sephiring sa lona.


Na le o emela feela na? Kapa le rata ho ipea babuelli ba Modimo na?


Ke rata ho bua, ke ntoo tseba ho ntsha letshwea hantle; ke tla ahlamisa melomo ya ka, ke arabe.


hobane ha ke tsebe ho qeka; hape, Mmopi wa ka a ka be a phakisa a ntlosa.


Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng.


ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?


Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.)


Tsena e sa ntsane e le dipolelo tsa ba bohlale:


Ya kgalemelang batho, hamorao o tla ratwa haholo ho fetisa ya ba qekisang.


Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.


Le nna, ke tla le etsa ba nyediswang le ba kgeswang hara setjhaba kaofela, hobane ha le boloke ditsela tsa ka, mme kahlolong le etsa ka tshobotsi.


Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.


Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe.


O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos