La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Malakia 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mahlo a lona a tla ho bona, mme le tla re: Jehova o moholo hodima naha ya Iseraele?

Ver Capítulo

BIBELE

Tsena le tla di bona ka mahlo a lona, ebe le re: “Morena o moholo; boholo ba hae bo tsejwa le ka nqane ho meedi ya naha ya Iseraele!”

Ver Capítulo



Malakia 1:5
14 Referencias Cruzadas  

Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ba ahileng metseng ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo, ba tle ba tjhese dibetsa, le dithebe, le dithejana, le diqha, le metsu, le marumo, le dikwebe; ba tla di besa ka dilemo tse supileng. Ha ba sa tla rwalla patsi naheng;


Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.


Hobane mahlo a lona a bone diketso tsohle tse kgolo tseo Jehova a di entseng.


Mahlo a lona a bone seo Jehova a se entseng ka baka la Baale-Peore, kamoo Jehova, Modimo wa hao, a timeditseng hara lona bohle ba neng ba latetse Baale-Peore kateng.


Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.


Emang jwale, le bone taba e kgolo ena eo Jehova a tla e etsa pela mahlo a lona.