Luka 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) a re ho bona: Le se ke la nkela tsela letho, leha e le mare, leha e le mokotla, kapa bohobe, kapa tjhelete, le hona le se ke la ba le dikobo tse pedi. BIBELE a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Le se ke la nka letho la leeto, leha e le lere, leha e le mokotla, leha e le bohobe, leha e le tjhelete; hape le se ke la ba le diaparo tse pedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Le se ke la nka letho la leeto, leha e le lere, leha e le mokotla, leha e le bohobe, leha e le tjhelete; hape le se ke la ba le diaparo tse pedi. |
Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi; a ba fa matla a ho hlola meya e ditshila;
Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.
Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!
Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka.
A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.
Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.
Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.