Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Lefi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme letshwele le leholo la balekgetho le ba bang ba dutse le bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Lefi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme letshwele le leholo la balekgetho le ba bang ba dutse le bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:29
9 Referencias Cruzadas  

Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.


Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?


Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.


Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.


Yare ha Jesu a dutse dijong, tlung ya Levi, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae; hobane batho ba ne ba le bangata, mme ba ne ba mo latela.


Jwale, balekgetho bohle le baetsadibe ba ne ba mo atamela ho mo mamela.


A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena.


Ekare ha e mong wa ba sa dumelang a le biletsa ho ja, mme le rata ho ya, jang tsohle tse ka bewang pela lona, le sa botse letho ka baka la letswalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos