Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;
Luka 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba roma ho bolela mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang; BIBELE a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang, Baasraak Sotho NT A ba roma ho bolela tsa mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba roma ho bolela tsa mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang. |
Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;
E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.
Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.
Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.
Le fodise ba kulang ba teng, mme le ba bolelle, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse ho lona.
Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.
Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.