La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha letsatsi le se le rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: “E-re matshwele a tsamaye, hore a ye metsaneng le metsaneng e ka mathoko, mme a fumane dijo, hobane mona re lehwatateng. sebaka.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha letsatsi le se le rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: “E-re matshwele a tsamaye, hore a ye metsaneng le metsaneng e ka mathoko, mme a fumane dijo, hobane mona re lehwatateng sebaka.

Ver Capítulo



Luka 9:12
13 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Nna, ke o tsebile feelleng, fatsheng le omileng.


Jesu yare hoba a utlwe taba eo, a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, feelleng. Eitse hobane matshwele a utlwe, a mo latela teng ka maoto, a etswa metseng.


Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.


Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!


Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase.


Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,