e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.
Luka 8:54 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa yena a ba ntshetsa bohle kantle, a mo tshwara letsoho, a phahamisa lentswe, a re: Ngwanana, tsoha. BIBELE Empa a mo tshwara ka letsoho, a mmitsa, a re: “Ngwanana, tsoha!” Baasraak Sotho NT Yaba o ba ntshetsa ntle kaofela, a mo tshwara ka letsoho, a bitsa, a re: Ngoanana, tsoha! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o ba ntshetsa ntle kaofela, a mo tshwara ka letsoho, a bitsa, a re: Ngoanana, tsoha! |
e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.
Yare ha a ntsheditse bongata boo ntle, a kena, a mo tshwara ka letsoho, mme morwetsana a tsoha.
Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.
A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse, a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodimo, a ntoo se botsa hore na se bonang.
Eitse ha a fihlile tlung, a se ke a dumella le a mong ho kena, haese Petrose le Jakobo le Johanne, le ntata ngwanana le mmae.
Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.
Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.