Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Mme ba mo tsheha, hobane ba ne ba tseba hoba o shwele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

53 Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

53 Mme ba mo tsheha, ba tseba hobane o shwele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

53 Mme ba mo tsheha, ba tseba hobane o shwele.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:53
11 Referencias Cruzadas  

Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato.


Efela basomi ba nteetse hare, mme mahlo a ka a bona dihlohloletso tsa bona.


Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho,


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


A re ho bona: Tlohang, hobane morwetsana ha a shwa, o mpa a robetse. Mme ba mo tsheha.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Ba ne ba lla kaofela, ba mo llela; empa Jesu a re: Se lleng; ha a shwa, o mpa a robetse.


Empa yena a ba ntshetsa bohle kantle, a mo tshwara letsoho, a phahamisa lentswe, a re: Ngwanana, tsoha.


Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos