Ha ho motho ya hotetsang lebone ho le bea sephiring, leha e le katlasa morula; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi.
Luka 8:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho motho, ekareng ha a hoteditse lebone, ya le kwahelang ka pitsa, leha e le ho le bea tlasa malao; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi. BIBELE “Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi. Baasraak Sotho NT Ha ho motho, ha a hoteditse lebone, a le kwahelang ka pitsa, leha e le ho le bea katlasa malao; empa o e bea hodima kandelare, hore ba kenang ba bone lesedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho motho, ha a hoteditse lebone, a le kwahelang ka pitsa, leha e le ho le bea katlasa malao; empa o e bea hodima kandelare, hore ba kenang ba bone lesedi. |
Ha ho motho ya hotetsang lebone ho le bea sephiring, leha e le katlasa morula; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi.
Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.
o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.
sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.