Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tseo ke mehlwaare e mmedi le dikandelare tse pedi tse emeng pela Modimo wa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Dipaki tsena ke difate tse pedi tsa mohlwaare, le didulwana tsa mabone tse pedi, tse emeng kapele ho Morena wa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Bana ke mehlwaare e mmedi, le dikandelare tse pedi tse emeng pela Modimo wa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Bana ke mehlwaare e mmedi, le dikandelare tse pedi tse emeng pela Modimo wa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:4
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Empa nna, ke jwaloka mohlwaare o motala ka tlung ya Modimo; ke itshepetse mohau wa Modimo kamehla yohle.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Jehova o ne a o reile lebitso la mohlwaare o motala o motle, wa ditholwana tse ratehang. Ka modumo o moholo o o tukiseditse mollo, mme makala a wona a kgebotswe.


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


Ha ho motho ya hotetsang lebone ho le bea sephiring, leha e le katlasa morula; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.


sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos