A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,
Luka 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o ba araba, a re: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena, BIBELE Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse ha a lapile, mmoho le bao a neng a ena le bona; Baasraak Sotho NT Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le ba nang le yena? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le ba nang le yena? |
A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,
Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?
Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.
Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:
A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa.
Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo?
Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?