Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.
Luka 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka Sabatha e bitswang ya bobedi ho ya pela, Jesu o ne a feta hara masimo; barutuwa ba hae ba ekga diqwapi, mme ba di hohla diatleng tsa bona, ba di ja. BIBELE Ha etsahala hore Jesu a fete hara masimo ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba kga matshohlo, ba a hohla ka diatla, ba a ja. Baasraak Sotho NT Eitse ka Sabatha sa bobedi, kamora wa pele, a haola hara masimo a koro; mme barutuwa ba hae ba kga diako tsa koro, ba di ja, ba di hohla ka matsoho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ka Sabatha sa bobedi, kamora wa pele, a haola hara masimo a koro; mme barutuwa ba hae ba kga diako tsa koro, ba di ja, ba di hohla ka matsoho. |
Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.
Ho tloha letsatsing le hlahlamang Sabatha, e leng letsatsi leo le tlisitseng ngata hore e tsokotswe, le tla bala veke tse supileng tse tletseng.
Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.
Hape, ha ho motho, ekareng ha a enwa veine ya kgale, ya ka phakisang a batla e ntjha; hobane o re: Ya kgale e fetisa ka monate.
Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng.
O tla bala diveke tse supileng, o qale ho bala diveke tse supileng hona ka nako eo o kenyang sekele korong ya hao ka yona;
Leha o kena tshimong ya wa heno ya koro, o ka kga diqwapi ka matsoho a hao, o mpe o se ke wa kenya sekele korong ya wa heno.