Leha o bona esele ya ya o hloileng e imetswe ke phahlo ya yona, o se ke wa e tlohela o sa e imolla, o ntoo tloha le yona.
Luka 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba. BIBELE Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba. Baasraak Sotho NT Yaba ba howa balekane ba bona ba ka sekepeng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepe tse pedi, tsa ba tsa qala ho teba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ba howa balekane ba bona ba ka sekepeng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepe tse pedi, tsa ba tsa qala ho teba. |
Leha o bona esele ya ya o hloileng e imetswe ke phahlo ya yona, o se ke wa e tlohela o sa e imolla, o ntoo tloha le yona.
Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.
Ha ba kgutlisitse bongata, ba mo nka ka sekepana seo a neng a le ho sona; le dikepana tse ding di ne di le teng ho yena.
Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.
Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.