Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.
Luka 4:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) A mpa a re ho bona: E ka kgona ke bolelle le metse e meng Evangeli ya mmuso wa Modimo; hobane ke rometswe hona. BIBELE A re ho wona: “Eka kgona le metse e meng ke e bolelle molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo, hobane ke rometswe hoo.” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Le metseng e meng, ke tla bolella metse e meng ditaba tsa mmuso wa Modimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Le metseng e meng, ke tla bolella metse e meng ditaba tsa mmuso wa Modimo; |
Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.
E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.
kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.