Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 48:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “Atamelang pela ka, le mamele hona: Ho tloha tshimolohong ha ke qala ho bua, ha ke a ka ka buela sephiring; ha tseo di etsahetse ke ne se ntse ke le teng.” Jwale Morena Modimo o nthomme, o nthomme ka Moya wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 48:16
13 Referencias Cruzadas  

Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Kgutsang, lona dihlekehleke, le mmamele; ditjhaba di tsohe matla, di atamele, di bolele, re yeng tsekong hammoho.


Le ho tloha tsatsing lena, e sa ntsane e le nna, ha ho motho ya ka ntshang ho hong letsohong la ka; seo ke se etsang, se ka thibelwa ke mang?


Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.


Empa lona bana ba moloi, leloko la bofebe le la bootswa, tloong kwano!


Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,


Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.


Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos